Beke ea 2023 ea Mohoo oa Phihlelo e bulehileng: Sechaba mabapi le khoebisano

"Sechaba mabapi le khoebisano" ke mohoo oa Beke ea Machaba ea Phihlello e Bulehileng ea selemong sena (Mphalane 23-29). Mohoo ona o khothaletsa puisano ea sebele e mabapi le hore na ke mekhoa efe e ka lateloang ho bula lihlapiso tse etelletsang pele lithahasello tsa bohlokoa tsa sechaba le sa barutehi—le tse kekeng tsa etsehala. 

Keletso ea UNESCO e amohetsoe ke Litho tsa eona tse 193, mabapi le Mahlale a Bulehileng, e bontsang tlhoko ea ho beha sechaba pele ho feta khoebo, ka mehoo ea eona ea ho thibela "ho ntša phaello e hlokang toka ho tsoa mesebetsing ea mahlale, e tšehelitsoeng ke sechaba", le tšehetso ea "mefuta ea khatiso eo e seng ea khoebo, le kopanelo ea mefuta ea khatiso e se nang litefiso tsa ho sebetsana le lingoliloeng”.  Ka ho tsepama lintlheng tsena, re ka fihlela pono ea mantlha e hlalositsoeng ha ho qaloa ho hlalosoa Phihlelo e Bulehileng: "Litloaelo tsa khale le thekenoloji e ncha li kopantsoe ho etsa hore ho be le melemo ea sechaba e sa lebelloang".

Ha lithahasello tsa khoebo li behoa pele ho tsa sechaba, tseo lipatlisiso li batlang ho li sebeletsa, ho hlaha tse ngata tse amanang le litaba.  Beke ea Phihlelo e Bulehileng e fana ka monyetla oa hore batho ka bomong ba buisane ka lipotso tse bohlokoa haholo sebakeng sa habo bona. Tsena li ka kenyelletsa:

1. Ho lahleha eng ha palo e ntseng e fokotseha ea mekhatlo e laola tlhahiso ea tsebo ho fapana le bafuputsi ka bobona?

2. Litjeo tsa mefuta ea khoebo tse kenyang phaello e holimolimo ke bokae?

3. Ke neng pokello le tsebeliso ea lintlha tsa motho ka mong liqalang ho thefula bolokohi ba thuto? 

4. Na ho fetohela khoebong ho ka sebetsa ho tšehetsa thahasello ea sechaba?

5. Ke qeto life tsa ho sebelisa liahiloeng tse laoloang ke sechaba, tse seng li ntse li le teng, tse  bileng li ka sebeletsang lithahasello ea sechaba sa bafuputsi le sechaba (joalo ka lisebelisoa tsa  khatiso tsa pele, lipolokelo, le sethala sa likhatiso tse bulehileng)?

6. Re ka suthisa joang tloaelo ho sebelisa khetho tsee tsa boinahano ba sechaba?

 

Se khethiloe ke Komiti ea Boeletsi ea Beke ea Phihlelo e Bulehileng, sehlooho sa selemo sena se fana ka monyetla oa ho ikopanya, ho nka khato, le ho phatlalatsa tlhokomeliso mabapi le bohlokoa ba taolo ea sechaba ea tsamaiso ea ho arolelana tsebo. Beke ea Phihlelo e Bulehileng ea 2023, e tla tšoaroa ho tloha ka Mphalane 23 hoisa 29; leha ho le joalo, mang kapa mang o khothaletsoa ho tšoara lipuisano le ho nka khato neng kapa neng ha ho lokeleha, nakong ea selemo le ho ikamahanya le mohoo le mesebetsi ho ea ka maemo a sebaka sa habo bona.

Ho fumana lintlha kabotlalo mabapi le Beke ea Machaba ea Phihlelo e Bulehileng, ka kopo etela lebota lena openaccessweek.org.  Hashtag ea semmuso ea twitter ea beke ke #OAWeek.

Liphetolelo tsa phatlalatso ena ka lipuo tse ling li ka fumanoa ho openaccessweek.org. Lits'oants'o tsa sehlooho sa Beke e Bulehileng ea selemo sena li fumaneha leboteng ho openaccessweek.org

Translated by: Mrs Mapoloko Matseliso Kabel

Mabapi le SPARC

SPARC ke mokhatlo o sa etseng phaello o tšehetsang litsamaiso tsa lipatlisiso le thuto tse bulehileng ka ho sa feleng le tse leka-lekaneng ka moralo. Re lumela hore motho e mong le e mong o lokela ho khona ho fihlella le ho kenya letsoho ho tsebo e bōpang lefatše la rona. Beke ea Machabeng ea Phihlello e Bulehileng e thehiloe ke SPARC le balekane sechabeng sa baithuti ka 2008. Ithute haholoanyane ho sparcopen.org.

About International Open Access Week

Beke ea Phihlello e Bulehileng ke monyetla oa bohlokoahali oa ho hokahanya sekhahla sa lefats'e ho arolelana tsebo e bulehileng le nts'etsopele ea liphetoho tsa maano le bohlokoa ba litaba tsa sechaba tse amang batho lefatšeng ka bophara. Ketsahalo ena e ketekoa ke batho ka bomong, Litsi tsa litsebeletso le mekhatlo lefatseng ka bophara, 'me mokhatlo oa eona o etelletsoe pele ke komiti ea lefats'e ea boeletsi. Hashtag ea semmuso ea Beke ea Open Access ke #OAweek

Previous
Previous

čeština

Next
Next

српски